fbpx

Molaotheo wa Afrika Borwa

24-11-2018

Arolelana sena sechabeng

Molaotheoho was Afrika Borwa

“Molaotheo wa rona ke tokomane e botlokoa ho fitisisa naheng ya rona. E refa ditokelo le maikarabelo a re tshwanetseng jwalo ka sechaba sa Afrika Borwa.” – Childlinesa.org.za.

Molaotheo ke molao o phahameng wa lefatshe. Se se bolela ho re ke molao o hodimo ho fetesisa melao kaofela Afrika Borwa, le diketso tsa mmuso, di tshoanetse di tsamaisane le seo se beilweng ka ha re ho Molaotheo. Molaotheo ha o refe fela motheo wa tsa molao, ebile e hlalosa ditokelo tse botlhe ba dulang Afrika Borwa ba ka dikleima hape e hlalose mehaho ya mmuso wa rona.

Ho amohelwa ha Molaotheo wa Afrika Borwa ka 1996 ne e le karolo e bohlokoa ya histori ya naha ya rona. E ne e le engwe ya di khaolo tsa dintwa tsa Afrika Borwa gahlanong le mmuso wa gethollo le gatello hape le ho ntweng ya mmuso wa batho, le qalo ya khaolo encha paleng ya naha ya rona.

Morao wa ntwa e telle ya tokolloho le tekano ya batho, baemedi ba merafo kaofela ho tswa ho megatlho kaofela ya dipolotiki le tsa tokollogo mo naheng baile ba kopana ho sebedisana mmoho ho ngwala Molaotheho wa rona. Inkile nako ekang dijara tse pedi le hafu ho re e ngoaloe e be e fetswe ka di 8 tsa [May] 1996.

MoPresidente Nelson Mandela o ngwetse letshwao la hae ho Molaotheo ho re o tle o kenywe  molaong ka di 10 tsa [December] 1996.

Ka moraho ha leeto le lelele, Molaotheo wa rona obile wa fetswa. Onkiwa jwale ka se supo sa emengwe e hlahloa ya Melaotheo ya sejwale jwale lefatsheng ka bophara. Se o se gahla moya akere?

 

Bili ya Ditokelo

Molaotheo was Afrika Borwa o bua tse ngata tse akaretsang melemo e e leng ho re Afrika Borwa e ahetswe ho yona – serithi sa batho, tekano le tokolloho. Kaofela tse di ama wena le naha ya rona, empa ho nale dikarolo tse eleng hore di botlhokoa ha holo hore maAfrika Borwa kaofela a ditsebe – le wena hape! Engwe ya dikarolo tse botlhokoa tsa Molaotheo wa Afrika Borwa ke Bili ya Ditokelo, efumanehang ho Kgaolo ya Bobedi ya Molaotheo.

Bili ya Ditokelo ke lenaneo la ditokelo tse ko tlase tse e leng ho re batho kaofela mo Afrika Borwa ba nale tsona. Ka hara naha ya mmuso wa batho jwale ka Afrika Borwa, ditokelo tsa hao di hofa ditokolloho le tshirelletso e ngata ho re o tle o gone ho tshwarwa hantle le ka tekano ho sa gathalesehe ho re o mang. Bana le bana ba seng ba holahodile nyana ebile ba nale ditokelo tse gethehileng – ditokelo tse tshwanetseng ke ho hlomphiwa ke batho bohle naheng.